Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 22:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 hobane tsohong ya bafu, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi a Modimo lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 hobane tsohong ya bafu batho ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Hobane tsohong ya bafu ha ba nyale, leha e le ho nyalwa, empa ba jwaloka mangeloi a lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Hobane tsohong ya bafu ha ba nyale, leha e le ho nyalwa, empa ba jwaloka mangeloi a lehodimong.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 22:30
14 Referencias Cruzadas  

Bokang Jehova, lona mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentswe la hae, ba mamelang molomo wa hae!


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ha o tsamaya ditseleng tsa ka, o boloka seo ke o tshepetseng sona, le wena o tla ahlolela ntlo ya ka, o lebele mabala a ka, mme ke tla o nea tokelo ya ho tsamaya hara ba emeng pela ka.


Mohlang oo, ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.


Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.


Haele ka tsoho ya bafu, na ha le a ka la bala hoo le ho boleletsweng ke Modimo, ha o re:


Hobane jwaloka mehleng e bileng teng pele ho morwallo wa metsi, ha batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona;


Ho ne ho jewa, ho nowa, ho nyalwa, ho nyadiswa, ho fihlela letsatsi leo Nowe a ileng a kena arekeng ka lona, morwallo wa metsi wa ba wa fihla, wa ba timetsa kaofela.


Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos