Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 15:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Le fetotse molao wa Modimo lefeela ka mokgwa oo le o neanang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 ha ho sa hlokahala hore a hlomphe ntatae. Ka baka la moetlo wa lona he, le fetotse taelo ya Modimo lefeela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ha a hlomphe ntatae kapa mmae, o tla lokoloha. Ka mokgwa o jwalo le entse hore taelo ya Modimo e be lefeela ka meetlo ya lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ha a hlomphe ntatae kapa mmae, o tla lokoloha. Ka mokgwa o jwalo le entse hore taelo ya Modimo e be lefeela ka meetlo ya lona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 15:6
12 Referencias Cruzadas  

E se e le nako ya hao ya ho sebetsa, Jehova, hobane ba fedisitse molao wa hao.


Tjheseho ya ka e ntjele, kahobane dira tsa ka di lebetse mantswe a hao.


Le ka bolela jwang, la re: Re ba bohlale, re na le molao wa Jehova? Kannete, pene ya bohata ya bangodi e o entse leshano.


Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.


Kanthe lona le re: Ya reng ho ntatae, leha e le ho mmae: Sa tsa ka seo nka beng ke o thusa ka sona, ke se ke se abetse Modimo, ha a na molato, leha a sa hlonephe ntatae le mmae.


Baikaketsi, Esaia o ne a porofete tsa lona hantle, ha a itse:


Le fosisa lentswe la Modimo jwalo ka mokgwa wa lona oo le o neanang, mme le etsa le tse ding tse ngata tse jwalo.


Hleka jwale re fedisa molao ka tumelo na? Ho se ke ha thualo; re mpa re tiisa molao.


Ekare ha modumedi a le teng, wa monna, kapa wa mosadi, ya nang le bahlolohadi, ba ke ba baballwe ke yena, mme kereke e se ke ya etsetswa boima, e tle e tsebe ho thusa bao e leng bahlolohadi ruri.


Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ya hae, eo o latotse tumelo, mme o fetiswa ke ya sa dumelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos