Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 11:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 A re: “O madimabe, wena Korasine! O madimabe, wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba itshetse ka molora.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Ho madimabe wena Korazine! Ho malimabe uena, Bethsaida! gobane mehlolo ye e dirilwego go lena ge e ka be e dirilwe Tiro le Sidone, nkabe e sa le kgale ba itshola ba apere lešela la mokotla le molora.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ho madimabe wena Korazine! Ho malimabe uena, Bethsaida! gobane mehlolo ye e dirilwego go lena ge e ka be e dirilwe Tiro le Sidone, nkabe e sa le kgale ba itshola ba apere lešela la mokotla le molora.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 11:21
31 Referencias Cruzadas  

Ke fela ke inyatsa, mme ke iteta sefuba ke le leroleng le moloreng.


Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae!


Le lona Tire le Sidone, le na le taba efe le nna, le wena naha yohle ya Bafilesta? Na le re, le ya iphetetsa ho nna, kapa le tla nketsa ho hong na? Ha le re, le ya iphetetsa, kapelepele ke tla busetsa phetetso ya lona hodima dihlooho tsa lona,


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;


Ka baka leo, ke re ho lona: Kotlo ya Tire le ya Sidone e tla ba tjhatsi ho ya lona ka tsatsi la kahlolo.


Yaba Jesu o tloha moo, a ikela naheng ya Tire le Sidone.


Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso; hobane dikgopiso di tshwanetse ho ba teng; ho mpa ho madimabe motho eo kgopiso e hlahang ka yena.


Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekang ke yena; ho ka be ho le molemo ho motho eo hola a sa ka a tswalwa.


le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane. Le ba naheng ya Tire le Sidone, yare ha ba utlwa tse kgolo tseo a di etsang, ba tla ho yena ba le bangata haholo.


Jesu a phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ka nqa Bethsaida, ha a sa kgutlisa bongata.


Ha a tloha moo, Jesu, a ya naheng ya Tire. A kena tlung e nngwe, a sa rate ho tsejwa ke motho, a mpa a sitwa ho ipata;


A boela a tloha naheng ya Tire, a leba nqa lewatleng la Galelea ka la Sidone, a haola naha ya Dekapolise.


Ba ntoo fihla Bethsaida. Jwale, ba bang ba mo tlisetsa sefofu, ba mo rapela hore a se ame.


mme ha ho a ka ha eba eo Elia a rongwang ho yena, haese mosadi wa mohlolohadi wa Sarepta, naheng ya Sidone.


Ha a theohile le bona, a ema lehwatateng le bongata ba barutuwa ba hae, le batho ba bangata ba setjhaba ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le mathokong a lewatle la Tire le Sidone, ba neng ba tlile ho mo utlwa le ho fodiswa malwetse a bona;


Yare ha baapostola ba kgutlile, ba bolella Jesu tsohle tseo ba di entseng; mme a ba nka le yena, a ya le bona kathoko, lefeelleng le bapileng le motse o bitswang Bethsaida.


Ka hosasane, Jesu a rata ho ya Galilea, mme a fihlela Filipi; a re ho yena: Ntatele!


Ba tla ho Filipi wa Bethsaida wa Galilea, ba mo kopa, ba re: Monghadi, re rata ho bona Jesu.


Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.


Hosasane, ra fihla Sidone, mme Juliuse a etsa Pauluse hantle, a mo dumella ho ya bona metswalle ya hae, hore a baballwe ke yona.


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.


Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; letsatsi la eba letsho jwaloka mokotla wa boditse, mme kgwedi ya eba jwaloka madi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos