Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 9:44 - Sesotho 1909/1961 (SO)

44 moo seboko sa bona se sa shweng, le mollo o sa timeng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

44 moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

44 moo seboko sa bona se sa shoeng, le mollo o sa timeng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

44 moo seboko sa bona se sa shoeng, le mollo o sa timeng.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 9:44
13 Referencias Cruzadas  

Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?


Mme ha ba tla tswela ntle, ba tla bona ditopo tsa batho ba ikgantsheditseng nna; hobane seboko sa bona se ke ke sa eshwa, mollo wa bona o ke ke wa tima, mme e tla ba ntho e tshabehang ho nama yohle.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Mme bona bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.


Letsoho la hao ha le o dihela, o le kgaole; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena bophelong o le tsohane, e seng ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi;


Leoto la hao ha le o dihela, o le kgaole; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena bophelong o le sehlotsa, e seng ho lahlelwa diheleng, mollong o sa timeng, o ena le maoto a mabedi;


moo seboko sa bona se sa shweng, le mollo o sa timeng.


Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,


le yena o tla nwa veine ya bohale ba Modimo e tshetsweng, e sa tswakwa, senwelong sa kgalefo ya wona, mme o tla hlokofatswa mollong le sebaboleng pontsheng ya mangeloi a halalelang le ya Konyana.


Mme Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moporofeta wa bohata, mme ba tla hlokofatswa motshehare le bosiu, ka ho sa feleng.


Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngodilwe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos