Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 9:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Yaba o tswa, o ntse o howa, o sisinya ngwana ka bohale; a ba jwaloka mofu, ba bangata ba ba ba re: O shwele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Wa bokolla, wa mo tsukutla habohloko, mme wa tswa; ngwana a ba jwaloka setopo, hoo ba bangata ba ileng ba re o shwele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Moya wa howa, wa mo hahola hampe, wa tswa ho yena; hoo ba bangata ba bileng ba re: O shoele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Moya wa howa, wa mo hahola hampe, wa tswa ho yena; hoo ba bangata ba bileng ba re: O shoele.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 9:26
8 Referencias Cruzadas  

Hobane haesale ke eya ho Faro, ke bua ka lebitso la hao, o entse setjhaba sena hampe, le ho lwela setjhaba sa hao ha o a se lwela.


Teng ha hlaha mosadi wa Mokanana, ya tswang mathokong ao, a howa, a re: Nkutlwele bohloko, Morena, mora Davida! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke motemona.


Yaba moya o ditshila o a mo sisinya, o ntse o howa ka lentswe le leholo, wa ntoo tswa ho yena.


Hohle ha o mo tshwara, o mo teanya fatshe, a ntshe makweba, a tsikitlanye meno, a omelle; ke boleletse barutuwa ba hao hore ba o leleke, ba mpa ba sitwa.


Ba mo tlisa ho yena. Yare ha ngwana a bona Jesu, moya wa mo sisinya ka bohale, a wa fatshe, a bidikana, a ntse a ntsha makweba.


Jwale, Jesu ha a bona hobane bongata bo a mo mathela, a kgalemela moya o ditshila, a re: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, nna, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.


Empa Jesu a mo tshwara ka letsoho, a mo tsosa, mme a ema.


Thabang ke hona, mahodimo, le lona ba ahileng teng. Ho madimabe lona ba ahileng lefatsheng le lewatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos