Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 8:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 A ba a ba tlohela, a boela a kena sekepaneng, a tshelela mose wane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 A tloha ho bona, a boela a kena ka sekepeng, a tshelela mose wane.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 A ba a ba tlohela, a boela a kena sekepeng, a tshelela mose wane.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 A ba a ba tlohela, a boela a kena sekepeng, a tshelela mose wane.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 8:13
15 Referencias Cruzadas  

Ke moo ke ba tlohetseng boikgantshong ba pelo tsa bona, ba tle ba latele dikeletso tseo e leng tsa bona.


Setjhaba sena, leha e le moporofeta, kapa moprista, ha ba o botsa, ba re: Tshenolo ya Jehova keng? O ke o ba bolelle seo tshenolo e leng sona, o re: Ke tla le lahla, ho bolela Jehova.


Efraime o kgomaretse ditshwantsho; mo tlohele!


Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


Se neeng dintja dintho tse halalelang, le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere mohlomong tsa di hatakela ka maoto, tsa ntoo sokolohela ho lona, tsa le harola.


Jesu a sisimoha moyeng wa hae, a re: Moloko ona o kopelang pontsho? Kannete ke a le bolella, ke re: Moloko ona ha o ka ke wa newa pontsho.


Barutuwa ba ne ba lebetse ho nka mahobe, ba ena le bohobe bo le bong feela sekepaneng.


Yaba batho bohle ba kamathoko a naha ya Bagergesene ba rapela Jesu hore a tlohe ho bona; hobane ba ne ba tshwerwe ke tshabo e kgolo. Haele yena a kena sekepaneng, a kgutla.


Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, le tle le fetohe bana ba lesedi. Jesu a bolela taba tseo, a ntoo tloha, a ipatela bona.


Yaba Jesu o boela a re ho bona: Ke a ya, mme le tla mpatla, mme le tla shwa sebeng sa lona; moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla.


Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba.


Ra kena sekepeng sa Adramite, se neng se tla leba nqa mabopong a Asia, ra tloha, re ena le Aristarke wa Thesalonika, motse wa Masedonia.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos