Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 7:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 le dikutso, le takatso ya leruo, le lonya, le thetso, le bohlola, le mahlo a tadimang hampe, le dinyefolo, le boikgohomoso, le bohlanya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Boshodu, meharo, bokgopo, thetso, bohlola, leihlo le lebe, dinyefolo, boikgohomoso, bothoto.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Boshodu, meharo, bokgopo, thetso, bohlola, leihlo le lebe, dinyefolo, boikgohomoso, bothoto.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 7:22
26 Referencias Cruzadas  

Empa mohla ho fihlang manqosa a romilweng ke marena a Babilona ho tla mmotsa mohlolo o etsahetseng lefatsheng la Iseraele, Modimo wa mo furalla, hore o mo leke, hore o tsebe tsohle tse ka pelong ya hae.


Molotsana, boikgantshong ba hae, o re: A ke ke a botsisisa; ha ho Modimo! Ke yona kgopolo ya hae kaofela ha yona.


Nthute ho sekehela dikeletso tsa hao pelo, e seng leratong la ho rua.


Ya masene o ipolokela tsebo; empa pelo tsa mawatla di tumisa bohlanya ba wona.


Bohlanya bo tlameletswe pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ho yona.


O se ke wa ja bohobe ba lekgonatha, o se ke wa lakatsa tse monate tsa lona.


Morero wa lewatla ke sebe, mme mosomi ke manyala ho batho.


Leha o ka tulela lehlanya ka mokgobo, wa le sila ka tshilo le mabele a silwang, le teng bohlanya bo ke ke ba le tlohela.


Motho ya mahlo a honohelang o phallela leruo, athe ha a tsebe hoba bofuma bo ya mo wela hodimo.


Yaba ke leka ka pelo ya ka ho tseba le ho botsa le ho batla bohlale le kelello, le ho tseba hoba bokgopo ke bowatla, le bothoto ke bohlanya.


e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona.


Maoto a bona a mathela bobeng, ba potlakela ho tsholla madi a se nang molato; mehopolo ya bona ke mehopolo ya bolotsana; tshenyo le timetso di ditseleng tsa bona.


Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bodile hampe; e ka tsejwa ke mang?


Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?


Empa ekare ha leihlo la hao le le lebe, mmele wohle wa hao o tla ba lefifing. Mme jwale, ha lesedi le leng ho wena e le lefifi, lefifi leo e tla ba le lekakang!


Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tswang mehopolo e mebe, le mafebe, le dipoko, le dipolao,


Manyala ao wohle a tswa kahare, mme ke wona a silafatsang motho.


Re diha ka tsona merero le diphahamo tsohle tse phahamelang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme re hapa mehopolo yohle, e tle e utlwe Kreste.


Iponele, kgopolo ya bolotsana e se ke ya eba teng pelong ya hao ya ho re: Selemo sa bosupa, selemo sa teselo, se atametse; mme mahlo a hao a se ke a hauhela ngwaneno ya fumanehileng, o sa mo fe letho, mme yena a ka bitsa ho Jehova ka baka la bothata ba hao, mme sebe se eba teng ho wena.


Monna ya ithatang, ya kgesang ka ho fetisa hara lona, o tla tadima ka leihlo le lebe ngwanabo, le mosadi wa sefuba sa hae, le masala a bana ba hae, ao a sa setseng le wona;


Mosadi ya ithatang, ya kgesang ka ho fetisa hara lona, ya tshabang ho bea bohato ba leoto la hae fatshe, ka baka la bonolo ba hae le la ho kgesa, o tla tadima ka leihlo le lebe monna wa sefuba sa hae, le mora wa hae, le moradi wa hae;


Hobane thato ya Modimo ke hore le thibe, ka ho etsa hantle, melomo ya batho ba mawatla, ba sa tsebeng letho.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos