Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 7:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le fosisa lentswe la Modimo jwalo ka mokgwa wa lona oo le o neanang, mme le etsa le tse ding tse ngata tse jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Le fetola lentswe la Modimo lefeela ka moetlo wa lona oo le o neeletsanang, mme le etsa tse ngata tse jwalo.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Le fetola lentswe la Modimo lefeela ka moetlo wa lona oo le o neilweng, mme le etsa tse ngata tse jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Le fetola lentswe la Modimo lefeela ka moetlo wa lona oo le o neilweng, mme le etsa tse ngata tse jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 7:13
14 Referencias Cruzadas  

Eyang molaong le bopaking; ekareha ho sa uwe ka lentswe lena, etlaba setjhaba ha se sa tla tjhabelwa ke tsatsi le leng.


Empa bonang, ekare ha a tswetse mora ya boneng dibe tsohle tseo ntatae a di entseng, mme leha a di bone, a mpa a sa di etse;


Leha nka mo ngolla molao wa ka hasekete, ba ka mpa ba o tadima jwaloka ntho esele.


Le fetotse molao wa Modimo lefeela ka mokgwa oo le o neanang.


mme ha le sa mo dumella ho etsetsa ntatae kapa mmae letho.


Yare hobane a biletse bongata bohle ho yena, a re ho bona: Mmameleng kaofela, le utlwisise:


Hobane bafarisi le Bajuda bohle ba ke ke ba eja, ha ba eso ho hatlele haholo, ba re, ba boloka mokgwa wa baholo.


Bafarisi le bangodi ba botsa Jesu ke hona, ba re: Ana barutuwa ba hao ha ba ye keng ka mokgwa wa baholo, ha ba eja bohobe ka matsoho a sa hatlelwang?


A ba a re ho bona: Le tseba hantle ho fedisa molao wa Modimo ka ho boloka mokgwa oo le o neanang.


Mme ke ne ke siile hole, ka taba tsa Bojuda, thaka tsa ka tse ngata, setjhabeng sa heso; e ne e le nna sehlooho sa ho tjhesehela mekgwa ya bontate.


ke mohono, le dipolao, le botahwa, le meharo, le dintho tse jwalo, tseo ke le bolellang, jwalokaha ke se nkile ka le bolella, hore ba etsang tse jwalo, ba ke ke ba ba ba rua mmuso wa Modimo.


mme ba se ke ba ineela ditshomo tsa Bajuda, le ditaelo tsa batho ba furallang nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos