Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 6:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Empa ka tsatsi le loketseng, leo Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba sekete, le baholo ba Galelea, mokete wa tswalo ya hae,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Nako e lokelang ya fihla, ha Heroda a etsetsa matona a hae, le balaodi ba hae ba mabotho, le batho ba ka sehloohong ba Galelea mokete wa kgopotso ya tswalo ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Eitse ha letsatsi le loketseng le fihla, leo ka lona Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba mabotho, le baholo ba Galelea mokete wa tswalo ya hae;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Eitse ha letsatsi le loketseng le fihla, leo ka lona Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba mabotho, le baholo ba Galelea mokete wa tswalo ya hae;

Ver Capítulo Copiar




Mareka 6:21
15 Referencias Cruzadas  

Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


Yare ka tsatsi la boraro, tsatsi la ho tswalwa ha Faro, a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete; yaba o emisa hlooho ya molaodi wa baqhatsetsi, le hlooho ya molaodi wa baapehedi hara bahlanka ba hae;


Morena a etsetsa mahosana a hae wohle le bahlanka ba hae mokete o moholo, e leng mokete wa Esthere, a fokotsa lekgetho la dinaha, mme a aba dimpho kamoo morena a ka fanang kateng.


Ha ho le jwalo, ka kgwedi ya ho qala, e leng kgwedi ya Nisane, selemong sa leshome le metso e mmedi sa morena Assueruse, ha laolwa Pure, ke ho re, lotho, pela Hamane, bakeng sa letsatsi le leng le le leng le sa kgwedi e nngwe le e nngwe, ho isa kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.


Ka tsatsi la mokete wa morena wa rona, matona a ipabisa ka bohale ba veine, yena o ntshetsa basomi letsoho la hae.


Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene;


Ka le hlahlamang, Agripa le Berenise ba tla ba kgabile haholo. Eitse hobane ba kene kgotla le balaodi ba sekete le banna ba baholo ba motse, Pauluse a tliswa ka taelo ya Festuse.


Hobane di lekane dinako tse fetileng tseo re di phetseng re ntse re etsa ho ratwang ke bahetene, ha re ne re itsamaela ka bootswa, le ka ditakatso, le ka botahwa, le ka meharo ya dijo le ya dino, le ka tshebeletso e manyala ya medimo ya bohata.


Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thabela lefu la tsona, ba nyakalle, ba be ba isetsane dimpho, kahobane baporofeta ba babedi bao ba ne ba kgathaditse ba ahileng lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos