Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jesu a phakisa a ba dumella. Yaba meya e ditshila eo e kena dikolobeng; mme mohlape wa mathela selomong, wa itihela lewatleng, e batlile e eba kete tse pedi, mme tsa bipelwa lewatleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 A e dumella, yaba meya e ditshila e a tswa, e kena ka dikolobeng. Mohlape oo, o neng o ka etsa dikete tse pedi, wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, mme wa kgangwa ke metsi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Jesu a phakisa a ba dumella. Meya e ditshila ya tswa, ya kena dikolobeng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Jesu a phakisa a ba dumella. Meya e ditshila ya tswa, ya kena dikolobeng;

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:13
12 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya ke be moya wa leshano melomong ya baporofeta bohle ba hae. A re: O tla mo thetsa, o hlole; tsamaya, o etse jwalo.


Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena. Yaba Satane o tloha pela Jehova.


Yaba Jehova o re ho Satane: Bona, o letsohong la hao! feela o qenehele bophelo ba hae.


Se neeng dintja dintho tse halalelang, le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere mohlomong tsa di hatakela ka maoto, tsa ntoo sokolohela ho lona, tsa le harola.


A re ho bona: Eyang. Yaba ba tswa, ba ya dikolobeng; mme hang, mohlape wohle wa dikolobe wa mathela selomong, wa itihela lewatleng, mme tsa eshwa metsing.


Batemona ba mo rapela, ba re: O re romele dikolobeng tseno, re kene ho tsona.


Ba neng ba disitse dikolobe ba baleha, ba ya tsebisa ba motseng le ba naheng; yaba bao ba tswa ho ya bona ho hlahileng.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.


Dilemo tse sekete ha di fetile, Satane o tla lokollwa teronkong ya hae;


Mme di na le morena wa tsona, e leng lengeloi la sekoti; lebitso la hae ka Sebeheru, ke Abadone, ka Segerike le bitswa Apolione.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos