Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 4:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 A boela a re ho bona: Elang seo le se utlwang hloko. Tekanyo eo le lekanyang ka yona, le lona le tla lekanngwa ka yona; mme ho tla phaellelwa lona ba utlwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 A boela a re ho bona: “Hlokomelang seo le se utlwang. Tekanyo eo le lekanyang ka yona le tla lekanyetswa ka yona, mme le be le ekeletswe,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 A re ho bona: Le hlokomele seo le se utlwang;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 A re ho bona: Le hlokomele seo le se utlwang;

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:24
16 Referencias Cruzadas  

Mora wa ka, lesa ho mamela dikgothatso, haele moo o ntse o kgeloha ditaba tsa bohlale.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Ho itswe ke Jehova: Itebelleng meya ya lona, le se ke la jara diphahlo ka tsatsi la Sabatha, le se ke la di tsamaisa ka menyako ya Jerusalema.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Yaba leru le a tla, la ba kgurumetsa, ha ba ha tswa lentswe lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang; mo utlweng.


Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona.


Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong.


Dinku tsa ka di utlwa lentswe la ka; ke a di tseba, mme di a ntatela.


Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?


Hobane taba ke yona ena: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; mme ya jalang haholo le hona o tla kotula haholo.


Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.


mme le lapele haholo, jwaloka bana ba tswang ho tswalwa, lebese la moya, le sa tswakwang, le tle le holele poloko ke lona;


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos