Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 4:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ba mpa ba se na motso ka ho bona, e le ba motsotso o se okae feela; mme ha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, ba phakise ba kgoptjwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 empa ha ba na metso ka ho bona, ke batho ba mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la lentswe, ba phakisa ho kweneha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Empa ha ba na motso ka ho bona, ba ntse ba mamella ka nako e itseng feela;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Empa ha ba na motso ka ho bona, ba ntse ba mamella ka nako e itseng feela;

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:17
23 Referencias Cruzadas  

Mohlang oo, le tla be le re: Na re ne re mo hlorisetsang? athe le tla bona nyewe ya ka ha e emelwa.


Ho lehlohonolo ya sa tlo ka a kgoptjwa ho nna.


Ke moo ke reng ho lona: Batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le e nngwe; empa nyefolo e nyefotseng Moya, batho ba ke ke ba e tshwarelwa.


a mpa a se na motso ka ho yena, empa e le wa motsotso o se okae feela; ereha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, a phakise a kgoptjwe.


Ho jwalo le ba amohetseng peo majweng; ke bao ereng ha ba utlwile lentswe, ba phakise ba le amohele ka thabo;


Ba amohetseng peo meutlweng, ke ba utlwang lentswe;


E mong le e mong ya sebileng Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ya nyefotseng Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa.


Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ekare ha le tiisetsa lentsweng la ka, le tla ba barutuwa ba ka ka nnete;


Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ba le phehella ho bolla, hore ba tle ba se ke ba hlorisetswa sefapano sa Kreste.


O a tseba hobane bohle ba Asia ba mphuraletse; hara bona ho na le Figele le Hermogene.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.


Mohla ke ikarabelang ka la pele, kgotla, ha ho a ka ha eba motho ya nkemelang; empa ba ne ba ntahle bohle; Modimo o se ke wa ba bea molato wa hoo.


ha le bona, eo e leng ya hataketseng Mora Modimo ka maoto, ya entseng madi a selekane ao a hlatswitsweng ka wona ntho feela, ya nyefotseng Moya wa mohau, yena ho tla lekanngwa hoba o tshwanelwa ke kotlo e fetisang hakakang!


Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo Satane a nang le terone ya hae teng; ke tseba le hobane o tiisitse lebitso la ka; mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, leha e le mohla Antipase, paki ya ka e tshepehang, a bolawang hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos