Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 14:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa Jesu a re: Mo leseng; le mo utlwisetsang bohloko? O nketseditse ketso e molemo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Jesu a re ho bona: “Mo leseng! Le mo nyahamisetsang pelo? O nketseditse ketso e molemo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Jesu a re: Mo tloheleng; le mo khathatsang? o nketseditse mosebetsi o motle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Jesu a re: Mo tloheleng; le mo khathatsang? o nketseditse mosebetsi o motle.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 14:6
23 Referencias Cruzadas  

Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.


Empa Jesu a lemoha hoo, a re ho bona: Le utlwisetsang mosadi eo bohloko? Athe o nkentse ketso e molemo.


athe se ka be se rekile didenare tse fetang makgolo a mararo, tsa newa bafumanehi. Ba itshena ho mosadi eo jwalo.


Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, mme le tla tseba ho ba etsa hantle mohla le ratang; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.


Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.


Hobane ya dumelehang hase ya ikemelang, empa e le ya emelwang ke Morena.


Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa neo e nngwe le e nngwe ya mohau, le tle le be le ho le lekanang kamehla nthong tsohle, mme le atelwe ke tseo le tlang ho etsa mesebetsi yohle e molemo ka tsona;


Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona.


le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;


o tshedise dipelo tsa lona, mme o le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo!


ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.


Ba sebetse se molemo, ba atelwe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane;


Jwale, ekare ha motho a itlhwekisa ka ho itima ntho tseo, o tla fetoha pitsa e kgethetsweng hlompho, e molemo ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e metle.


motho wa Modimo a tle a phethehe, mme a rutehele ruri mesebetsing yohle e molemo.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.


Baheso le bona ba ke ba ithute ho phehella mesebetsi e metle, mohla e hlokwang, e tle e se be ba sa beheng ditholwana.


Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.


A re lebelaneng, re tle re isane ka tjheseho leratong le mesebetsing e metle.


o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos