Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mohla le utlwang dintwa le medumo ya dintwa, le se ke la tshoha; hobane e ka kgona hoo ho etsahale; empa le moo ha e eso ho be bona bofelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Etlare ha le utlwa ka dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le se ke la tshoha; empa ha e eso ho be bofelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Etlare ha le utlwa ka dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le se ke la tshoha; empa ha e eso ho be bofelo.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 13:7
17 Referencias Cruzadas  

Athe re fela re tshwanetse ho shwa, re jwaloka metsi a tsholohetseng fatshe, a ke keng a boela a bokellwa; wona Modimo ha o amohe motho bophelo ba hae, athe o ye o hopole mokgwa wa hore ya lelekilweng a se ke a lahlelwa ruri pela wona.


A ke ke a tshoha ke pehi e mpe, pelo ya hae e tiile, e itshepisa ka Jehova.


Leha lekgotla la dira le ka tla ho lalla pela ka, pelo ya ka e ke ke ya tshoha; leha ntwa e ka mphutuhela, le teng ke sa tletse tshepo.


U ke ke wa tshaba letsoso le sehloho, leha e le sefefo se tlang ho timetsa ba babe.


Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.


Pelo tsa lona di se ke tsa eba boi, le se ke la tshaba matsoso a tlang ho utlwahala lefatsheng, hobane selemong se seng letsoso le tla tla, mme hamorao, selemong se seng, letsoso le leng le tla ba teng, le botubo lefatsheng, e le morena e mong ya lwantshang morena e mong.


Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso; hobane dikgopiso di tshwanetse ho ba teng; ho mpa ho madimabe motho eo kgopiso e hlahang ka yena.


Yare ha morena Heroda a utlwa, a tshoha, le ba Jerusalema bohle ba tshoha le yena.


Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata.


Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditshisinyeho tsa lefatshe di tla ba teng ka nqa tse ngata, le ditlala di tla ba teng le meferefere.


Pelo tsa lona di se ferekane; dumelang ho Modimo, le ho nna le dumele.


Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.


a ntse a ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore Kreste o ne a tshwanetse ho utlwiswa bohloko, le ho tsoha bafung; a re: Kreste eo ke yena Jesu eo ke le bolellang yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos