Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 13:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hobane ho tla hlaha Bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa dipontsho le mehlolo, ba tle ba thetse le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso, hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo le meeka, ho kgelosa le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo le meeka, ho kgelosa le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 13:22
16 Referencias Cruzadas  

Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Phemang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ya nku, empa kahare e le diphiri tse hapakang.


Mohlang oo, ha motho a re ho lona: Bonang, Kreste o mona, kapa: Bonang, o mane, le se ke la dumela.


Lona, le iponele. Bonang, ke le boleletse tsohle pele.


Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata.


Yaba Jesu o re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, ha le ke le dumela.


Ekare ha ho hlaha ha eno moporofeta, kapa molori wa ditoro, ya o tsebisang pontsho, kapa mohlolo,


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.


Bana, ke nako ya qetello; mme jwalokaha le utlwile hobane antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke kahoo re tsebang hobane ke nako ya qetello.


Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.


Ke le ngoletse ditaba tseo ka baka la ba le thetsang.


Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa.


Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ya tahlehong; mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala ha ba bona sebata, hobane se ne se le teng, mme ha se yo, athe se tla boela se be teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos