Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 12:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa balemi bao ba bolellana, ba re: Eo ke mojalefa; tlong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Empa balemi bao ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Empa balemi bao ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, mme lefa e tla ba la rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Empa balemi bao ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, mme lefa e tla ba la rona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 12:7
18 Referencias Cruzadas  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Tloong jwale, re mmolayeng, re mo diheleng lemeneng le leng, re tle re re: O rusolotswe ke selalome; re bone hore ditoro tsa hae di tla fella kae.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.


Yare ha nako ya ditholwana e atametse, a roma bahlanka ba hae ho balemi ho nka ditholwana tsa hae.


Jwale ba rata ho mo tshwara, empa ba tshaba bongata; hobane ba ne ba tseba hore o lekantse bona ka setshwantsho seo. Ba mpa ba mo tlohela, ba ikela.


Jwaloka hobane a sa na le mora wa hae, ya leng mong, ya ratwang, le yena a mo romela ho bona e le wa qetello, a re: Ba tla hlonepha mora ka.


Ba mo tshwara, ba mmolaya, ba ntoo mo lahlela kantle ho tshimo ya merata.


o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.


a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


jwale, mehleng ena ya qetello o buile le rona ka Mora, eo o mmeileng mojalefa wa ntho tsohle, eo hape o entseng ka yena tse bopilweng kaofela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos