Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 12:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba ba romela ho yena ba bang ba bafarisi le ba Baheroda, hore ba mo tshwase ka dipolelo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Yaba ba romela ba bang ba Bafarisi le balatedi ba Heroda ho Jesu, hore ba tle ba mo tshwase ka dipuo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Yaba ba romela ho yena ba bang ba Bafarisi le ba balatedi ba Heroda, hore ba tle ba mo tshware ka dipolelo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Yaba ba romela ho yena ba bang ba Bafarisi le ba balatedi ba Heroda, hore ba tle ba mo tshware ka dipolelo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 12:13
12 Referencias Cruzadas  

Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)


Ba batlang bophelo ba ka ba tjheha maraba a bona, ba batlang tshenyeho ya ka ba bolela tsa ho senya, ba loha mano tsatsi lohle.


e leng ba tswang ba bang nyeweng, ba tjhehang ya sa kwekwetleng ditabeng kgotla, ba dihelang ya lokileng ka mashano a bona.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.


Bao ba tla, ba re ho yena: Moruti, re a tseba hoba o wa nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane ha o tadime tshobotsi ya batho, empa tsela ya Modimo o e ruta ka nnete. Hleka ho a re lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa ha ho jwalo na? Re ntshe, kapa re se ntshe?


Jwale, bafarisi ba tswela ntle, ba etsa morero le Baheroda hodima Jesu, ho tseba hore na ba ka mmolaya jwang.


Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.


Ba ne ba mo laletse, ba tle ba tshware taba e ka tswang molomong wa hae, eo ba ka mo qosang ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos