Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 10:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Ha a utlwa hoba ke Jesu wa Nasaretha, a qala ho howa le ho re: Oho, mora Davida, Jesu, nkutlwele bohloko!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

47 Ha a utlwa hore ke Jesu wa Nasaretha, a qala ho howa, a re: “Jesu, mora Davida, nkgauhele!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

47 Eitse ha a utlwa hore ke Jesu wa Nasaretha, a qala ho howa, a re: Jesu, Mora Davida, nkutlwele bohloko!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 Eitse ha a utlwa hore ke Jesu wa Nasaretha, a qala ho howa, a re: Jesu, Mora Davida, nkutlwele bohloko!

Ver Capítulo Copiar




Mareka 10:47
24 Referencias Cruzadas  

Empa lekala le tla tswa kutung ya Jese, lehlomela le hlomele metsong ya hae, le behang ditholwana.


Buka ya leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Abrahama.


Mme bongata bohle ba hlollwa, ba re: Ana enwa hase mora Davida na?


Teng ha hlaha mosadi wa Mokanana, ya tswang mathokong ao, a howa, a re: Nkutlwele bohloko, Morena, mora Davida! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke motemona.


Ha a fihla teng, a aha motseng o bitswang Nasaretha, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ho thwe: O tla bitswa Monasarene.


Batho ba babedi ba foufetseng, ba dutseng pela tsela, ha ba utlwa hoba Jesu o a feta, ba howa, ba re: Morena, mora Davida, re utlwele bohloko!


Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.


Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!


Eitse ha a tswela kgotlwaneng, lekgabunyane le leng la mmona, la re ho ba leng moo: Le enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.


Jesu ha a tloha moo, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, o re utlwele bohloko.


a re: Taba ya rona le wena ke efe, wena Jesu wa Nasaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Ke a o tseba, o Mohalaledi wa Modimo.


A fihla Nasaretha, moo a neng a holetse teng. Ka letsatsi la Sabatha, a kena sinagogeng ka mokgwa wa hae; mme a ema hore a bale.


Filipi a fihlela Nathanaele, a re ho yena: Re fumane eo Moshe a ngodileng taba tsa hae molaong, le baporofeta ba di ngodile; ke Jesu wa Nasaretha, mora Josefa.


Pilato a ngola lengolo, a le maneha hodimo sefapanong; ho ne ho ngodilwe hona: Jesu wa Nasaretha, morena wa Bajuda.


Ba bang ba re: Enwa ke Kreste. Empa ba bang ba re: Na Kreste a ka tswa Galelea na?


Ba araba, ba re ho yena: Na le wena o tswa Galelea na? Botsisisa, o lemohe hobane ha ho moporofeta ya hlahileng Galelea.


hobane re mo utlwile a bolela hore Jesu eo wa Nasaretha o tla fedisa nqalo ena, a fetole le mekgwa eo re e neilweng ke Moshe.


Ke nna Jesu ke romileng lengeloi la ka ho le pakela ditaba tseo dikerekeng. Ke nna motso le moloko wa Davida, naledi e kganyang ya meso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos