Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 10:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Barutuwa ba makala ke polelo tsa hae. Empa Jesu a boela a bua, a re ho bona: Bana, ho thata hakakang ho ba tshepileng maruo ho kena mmusong wa Modimo!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Barutuwa ba hlollwa ke dipolelo tsa hae. Jesu a boela a re ho bona: “Bana ba ka, ho thata hakaakang ho kena Mmusong wa Modimo!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Barutuwa ba hlollwa ke dipolelo tsa hae. Empa Jesu a boela a araba, a re ho bona: Bana, ho thata hakakang ho ba tshepileng maruo ho kena mmusong wa Modimo!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Barutuwa ba hlollwa ke dipolelo tsa hae. Empa Jesu a boela a araba, a re ho bona: Bana, ho thata hakakang ho ba tshepileng maruo ho kena mmusong wa Modimo!

Ver Capítulo Copiar




Mareka 10:24
28 Referencias Cruzadas  

ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


Ke eo motho ya sa kang a inkela Modimo ho mo etsa qhobosheane ya hae, ya neng a itshepisa ka maruo a hae a maholo, ya neng a ipea matla ka bolotsana ba hae!


Le se ke la tshepa botubo, le se ke la bea tshepo ya lona tlatlapong. Ha le atelwa ke maruo, le se ke la bea dipelo tsa lona ho wona.


Ya itshepisang maruo a hae o tla wa, empa ya lokileng o tla hola jwaloka lekala le mahlaku.


Leruo la morui ho yena ke qhobosheane, mahlong a hae ke lerako la setshabelo.


O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


Ho madimabe ya ruelang ntlo ya hae leruo le lebe, ya beang moaho wa hae phahameng, hore a itshireletse bobeng!


Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.


Barutuwa ba hae, ha ba utlwa a rialo, ba tsota haholo, ba re: Ha ho le jwalo, ho ka bolokeha mang na?


Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.


Jesu a qamaka, a re ho barutuwa ba hae: Ho ya ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!


Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.


Bana ba ka, ke sa dutse le lona ho se hokae; le tla mpatla, mme jwalokaha ke boleletse Bajuda, ka re: Moo ke yang teng, lona le ka sitwa ho tla, jwale ke rialo le ho lona.


Yaba Jesu o re ho bona: Bana, na ha le na se ka jewang na? Ba mo araba, ba re: Tjhe.


Barutuwa ba hae ba bangata, hobane ba utlwe a rialo, ba re: Taba eo e thata, ya ka e utlwang ke mang?


Bana ba ka ba banyenyane, lona bao ke boelang ke le utlwela bohloko ba ho tswala, Kreste a tle a be a bopelwe ka ho lona;


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.


Bana, haele lona, le tswa ho Modimo, mme le ba hlotse; hobane ya leng ho lona o fetisa ka boholo ya leng lefatsheng.


Bana, itshabiseng medimo ya bohata. Amen!


Erekaha o re: Ke morui, ke mononi, mme ha ke hloke letho; athe ha o tsebe hobane o soto, o madimabe, o mofutsana, o sefofu, o feela;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos