Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 A tswela pejana, a fihlela Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba rokahanya matlowa a bona sekepaneng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Yare hoba a tsamaye sebakana, a bona Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba ntse ba lokisa matlowa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Eitse hobane a fete sebakanyana, a bona Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba lokisa matlowa a bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Eitse hobane a fete sebakanyana, a bona Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba lokisa matlowa a bona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 1:19
11 Referencias Cruzadas  

Yare ha a fetela pele, a bona ba babedi ba bang, bara ba motho a le mong, e le Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba dutse sekepaneng le Sebedea, ntata bona, ba rokahanya matlowa a bona; mme a ba bitsa.


Yaba ba phakisa ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.


Yaba o phakisa a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea sekepaneng le ba mo sebeletsang, mme ba mo latela.


Ha tla ho yena Jakobo le Johanne, bara ba Sebedea, ba re: Moruti, re rata ha o ka re etsetsa seo re tla se kopa.


A ntoo ya le Petrose, le Jakobo, le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tsieleha.


le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo, bao a ba ekeleditseng lebitso la Boanergese, ke ho re: Bara ba seaduma;


Mme ha a ka a dumella motho ho mo latela, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo.


Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, a ya le bona ba nnotshi hodima thaba e telele. Yaba o fetoha pontsheng ho bona;


Simone Petrose, le Thomase, ya bitswang Didima, le Nathanaele, wa Kana wa Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba hae ba bang ba babedi ba ne ba le hammoho.


Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.


mme a bolaya Jakobo, ngwanabo Johanne, ka sabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos