Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 O ka bona, moya o ye o mo tshware; ebe ke ha a se a bokolla; o mo sisinye haholo, o mo ntshise makweba, mme o hane ho mo tlohela, leha o se o mo tepeleditse hampe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

39 Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

39 Mme bonang, moya o a mo tshwara, mme a hoeletse hang; mme wa mo hahola, a ba a kgella lekweba, mme o thatafallwa ke ho tloha ho yena, ha o mo qeba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Mme bonang, moya o a mo tshwara, mme a hoeletse hang; mme wa mo hahola, a ba a kgella lekweba, mme o thatafallwa ke ho tloha ho yena, ha o mo qeba.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:39
11 Referencias Cruzadas  

Hohle ha o mo tshwara, o mo teanya fatshe, a ntshe makweba, a tsikitlanye meno, a omelle; ke boleletse barutuwa ba hao hore ba o leleke, ba mpa ba sitwa.


Ba mo tlisa ho yena. Yare ha ngwana a bona Jesu, moya wa mo sisinya ka bohale, a wa fatshe, a bidikana, a ntse a ntsha makweba.


Yaba o tswa, o ntse o howa, o sisinya ngwana ka bohale; a ba jwaloka mofu, ba bangata ba ba ba re: O shwele.


Jesu a kgalemela motemona, a re: Kgutsa, o tswe ho yena. Yaba motemona, hobane a mo dihele hare, a tswa ho yena, a sa mo ntshe kotsi.


A rialo kahobane Jesu a ne a laela moya o ditshila ho tswa mothong eo. Hobane e ne e se e le kgale o mo tshwere; mme o ne a kile a holehuwa ka mahlaahlela, a tlangwa maoto ka ditshepe; empa o ne a robile ditlamo tseo, a susumeletswa feelleng ke motemona.


Monna e mong ya hara bongata a howa, a re: Moruti, ke a o rapela, tadima mora ka; hobane o nnotshi ho nna.


Ke rapetse barutuwa ba hao, ka re, ba o leleke; ba mpa ba sitwa.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.


Mme di na le morena wa tsona, e leng lengeloi la sekoti; lebitso la hae ka Sebeheru, ke Abadone, ka Segerike le bitswa Apolione.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos