Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang: O Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re: O Elia; empa ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ba araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re moporofeta e mong wa ba boholoholo o tsohile bafung.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Ba araba, ba re: Ke Johanne Mokolobetsi; empa ba bang ba re: Elia; ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ba araba, ba re: Ke Johanne Mokolobetsi; empa ba bang ba re: Elia; ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:19
12 Referencias Cruzadas  

Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang.


Yaba o re ho bahlanka ba hae: Eo ke Johanne Mokolobetsi: o tsohile bafung, mme ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.


Mehleng eo, ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ruta feelleng la Judea.


Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.


Ba bang ba ne ba re: Ke Elia; ba bang ba re: Ke moporofeta, leha e le ya jwaloka e mong wa baporofeta.


Ha a le kathoko, a rapela, a ena le barutuwa ba hae, a ba botsa, a re: Batho ba re, ke mang?


A re ho bona: Lona, le re ke mang? Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste wa Modimo.


Ba mmotsa, ba re: Ke ho reng? A o Elia na? A re: Ha ke yena. A o moporofeta eo na? A araba, a re: Tjhe.


Ba boela ba mmotsa, ba re ho yena: Ha o se Kreste, o se Elia, o se moporofeta eo, ke ka baka lang ha o kolobetsa na?


Ba bangata hara batho ba bokaneng, eitse ha ba utlwa polelo eo, ba re: Kannete enwa ke moporofeta.


Ba boela ba re ho sefofu: Wena, o reng ka yena, ha a o tutubolotse mahlo? A re: Ke moporofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos