Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Monna eo batemona ba tswileng ho yena a mo rapela, hore a mo dumelle ho ya le yena; empa Jesu a mo kgutlisa, ka ho re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

38 Monna eo bademona ba tswileng ho yena a mo kopa hore a tsamaye le yena, empa Jesu a mo lokolla, a re:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

38 Monna eo batemona ba tswileng ho yena a mo rapela hore a tsamaye le yena; empa Jesu a mo kgutlisa, a re:

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 Monna eo batemona ba tswileng ho yena a mo rapela hore a tsamaye le yena; empa Jesu a mo kgutlisa, a re:

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:38
24 Referencias Cruzadas  

Ke tla busetsang ho Jehova? Melemo yohle ya hae e ho nna.


Oho Jehova, ke mohlanka wa hao; ke mohlanka wa hao ka sebele, mora wa lekgabunyane la hao. O lokolotse ditlamo tsa ka.


Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.


O setshabelo sa ka; o ntwela matswalong, o ntika ka dipina tsa topollo. (Sela.)


Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le leholo: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa.


Yaba batho bohle ba kamathoko a naha ya Bagergesene ba rapela Jesu hore a tlohe ho bona; hobane ba ne ba tshwerwe ke tshabo e kgolo. Haele yena a kena sekepaneng, a kgutla.


Boela tlung ya hao, o bolele tse kgolo tseo Modimo o o etseditseng tsona. A ya, a bolella ba motse kaofela tseo a di etseditsweng ke Jesu.


hobane ke hulwa ka nqa tse pedi; ke na le takatso ya ho tloha le ho ba le Kreste, hobane ke hona ho leng molemo ka ho fetisisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos