Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 A re: Lona, le neilwe ho tseba diphiri tsa muso wa Modimo; ba bang ba mpa ba di utlwa ka ditshwantsho, hore ho boneng ba se ke ba bontshisa, le ho utlweng ba se ke ba utlwisisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore, “ ‘leha ba bona, ba se ke ba bona, mme leha ba utlwa, ba se ke ba utlwisisa.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 A re: Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa Modimo; gore go bona ba se bone, le ge ba ekwa ba se ke ba kwešiša.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 A re: Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa Modimo; gore go bona ba se bone, le ge ba ekwa ba se ke ba kwešiša.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:10
24 Referencias Cruzadas  

Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.


bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


Ba hlokile tsebo le kelello, hobane ba netilwe mahlo, hore ba se ke ba bona; le dipelo, hore ba se ke ba utlwisisa ka tsona.


A re: Eya, o bolelle setjhaba seno, o re: Le tla mamela, empa le ke ke la utlwisisa; le tla tadima, empa le ke ke la bontshisa.


Mamela hle, setjhaba se sethoto, se se nang kelello, se nang le mahlo, empa ha se bone, se nang le ditsebe, empa ha se utlwe.


Mora motho, o ahile hara ntlo ya bahanyetsi, etswe ba ena le mahlo a ho bona, ba mpa ba sa bone, mme ba na le ditsebe tsa ho utlwa, ba mpa ba sa utlwe; efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.


Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;


e le hore, ha ba bona, ba bone, mme ba se ke ba bontshisa; leha ba utlwa, ba utlwe, ba mpe ba se ke ba utlwisisa; esere mohlomong, ba sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe.


O foufaditse mahlo a bona, mme o ba thatafaditse dipelo, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.


Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,


Tseo tsohle di sebetswa ke wona Moya oo o leng mong feela, o ntseng o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.


Empa ho fihlela letsatsi la kajeno, Jehova ha a ka a le nea pelo tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.


dipolelo tsa bona di tle di tshediswe, mme ha ba tlamahanngwa hammoho ka lerato, ba fihlele monono wohle wa kelello e tletseng, ba tle ba utlwisise sephiri sa Modimo e leng Kreste,


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos