Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Eitse ha Jesu a utlwa taba tseo, a mo tsota; mme a retelehela ho bongata bo mo latetseng, a re: Ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ha Jesu a utlwa tsena, a mo makalla, mme a retelehela ho letshwele le mo latetseng, a re: “Ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Jesu ha a utlwa taba tseo, a mo tsota, a reteleha, a re ho matshwele a mo latetseng: Ke a le bolella, ha ke eso ho bone tumelo e kalo, leha e le Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Jesu ha a utlwa taba tseo, a mo tsota, a reteleha, a re ho matshwele a mo latetseng: Ke a le bolella, ha ke eso ho bone tumelo e kalo, leha e le Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:9
9 Referencias Cruzadas  

Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.


Jesu, ha a mo utlwa, a tsota, mme a bolella ba mo latelang, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.


Mme ha ho lelekilwe motemona semumu sa bua; bongata ba makala, ba re: Taba e jwalo ha e eso ho ka e bonwa Iseraeleng!


Ba neng ba romilwe, yare ha ba kgutletse hae, ba fihlela mohlanka ya neng a kula, a se a fodile.


Jesu a mpa a re ho mosadi: Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso.


Hobane le nna, ke leng motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; ha ke re ho e mong: Eya, o a ye: Le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos