Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Jesu a mo araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke o bolellang sona. A re: Bua, moruti.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

40 Jesu a mo araba, a re: “Simone, ke na le seo ke ratang ho o bolella sona.” Yena a re: “Moruti, se bolele!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

40 Jesu a araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke batlang ho o bolella sona. A re: Moruti, bolela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Jesu a araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke batlang ho o bolella sona. A re: Moruti, bolela.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:40
16 Referencias Cruzadas  

A eketsa a re: Ke tlile ho wena ka taba. Bathe-Sheba a re: Bua.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?


A phakisa a atamela Jesu, a re: Dumela Rabbi! Mme a mo aka.


Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na?


Yaba mmusi e mong wa sinagoge o mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsa eng ho rua lefa la bophelo bo sa feleng?


Yare ha Jesu a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?


Jesu a araba, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka; empa e batlwa ke ba kulang.


Empa o ne a tseba mehopolo ya bona, a ba a re ho motho ya letsoho le omeletseng: Tsoha, o eme hare. Yaba o tsoha, a ema.


Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.


Morui o ne a le teng ya nametsweng ke batho ba le babedi; e mong o ne a namile ka didenare tse makgolo a mahlano, e mong ka tse mashome a mahlano.


Le mpitsa Moruti le Morena, mme le bolela hantle, hobane ke yena.


Jesu a tseba hobane ba rata ho mmotsa, a ba a re ho bona: Le botsana seo ke tswa se bolela, ha ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone.


Jwale, re a lemoha hobane o tseba tsohle, mme ha o a tshwanelwa ke ho botswa letho ke motho; ke ka baka leo re dumelang hobane o tswa ho Modimo.


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos