Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 6:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Nea e mong le e mong ya qelang ho wena, mme ha motho a o hlakotse tsa hao, o se ke wa boela wa di lata ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Fa e mong le e mong ya o kopang, mme ya nkang tsa hao, o se ke wa re a di kgutlise.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Naya e mong le e mong ya o kopang; mme ya o amohang tseo o nang le tsona, o se ke wa hlola o di botsa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Naya e mong le e mong ya o kopang; mme ya o amohang tseo o nang le tsona, o se ke wa hlola o di botsa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:30
29 Referencias Cruzadas  

O abela, o fa bahloki; ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng; lenaka la hae le ema ka kganya.


Ho lehlohonolo ya hlokomelang ya lesitsi!


Ya hauhelang mofumanehi o adimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.


Taba ya e mobe ke ho lakatsa feela tsatsi lohle, empa ya lokileng o a fana, a sa kganane.


Motho ya fanang o tla hlohonolofatswa, kahobane o sitsa mofutsana ka bohobe ba hae.


Bo arolele batho ba supileng, leha ba ka roba meno e le mmedi, hobane ha o tsebe tlokotsi e ka hlahang lefatsheng.


Eitse ha ke sekeha pelo ya ka hore ke tsebe bohlale, mme ke nahana mesebetsi e etswang lefatsheng, ke sa nee mahlo a ka boroko motshehare, leha e le bosiu,


Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha e mong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle.


Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.


o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona;


Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.


Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.


Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.


Ya o jabelang lerama, o mo sekehele le leng; ya o amohang kobo, o se ke wa mo hanela le kojwana.


Jwalokaha le rata ho etswa ke batho, ba etseng jwalo le lona.


fanang, mme le tla fuwa; le tla felwa sefubeng ka tekanyo e kgolo, e hlohlilweng, e katilweng, e tsholohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanngwa ka yona le lona.


Ke le bontshitse nthong tsohle hobane ke ka ho sebetsa jwalo ho tshwanetsweng ho thuswa bafokodi, le ho elellwa taba ya Morena Jesu, eo a e boletseng ka sebele sa hae, ha a re: Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuwa.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos