Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka Sabatha e bitswang ya bobedi ho ya pela, Jesu o ne a feta hara masimo; barutuwa ba hae ba ekga diqwapi, mme ba di hohla diatleng tsa bona, ba di ja.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha etsahala hore Jesu a fete hara masimo ka Sabatha. Barutuwa ba hae ba kga matshohlo, ba a hohla ka diatla, ba a ja.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Eitse ka Sabatha sa bobedi, kamora wa pele, a haola hara masimo a koro; mme barutuwa ba hae ba kga diako tsa koro, ba di ja, ba di hohla ka matsoho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse ka Sabatha sa bobedi, kamora wa pele, a haola hara masimo a koro; mme barutuwa ba hae ba kga diako tsa koro, ba di ja, ba di hohla ka matsoho.

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:1
10 Referencias Cruzadas  

Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.


Ho tloha letsatsing le hlahlamang Sabatha, e leng letsatsi leo le tlisitseng ngata hore e tsokotswe, le tla bala veke tse supileng tse tletseng.


Ka letsatsi la pele, le tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.


Hape, ha ho motho, ekareng ha a enwa veine ya kgale, ya ka phakisang a batla e ntjha; hobane o re: Ya kgale e fetisa ka monate.


Ka Sabatha e nngwe hape, o ne a kene sinagogeng, a ruta; mme motho o ne a le teng, ya letsoho le letona le omeletseng.


O tla bala diveke tse supileng, o qale ho bala diveke tse supileng hona ka nako eo o kenyang sekele korong ya hao ka yona;


Leha o kena tshimong ya wa heno ya koro, o ka kga diqwapi ka matsoho a hao, o mpe o se ke wa kenya sekele korong ya wa heno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos