Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 Empa ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba tla itima dijo matsatsing ao.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

35 Empa matsatsi a tla tla ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Empa matsatsi a tla tla ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:35
23 Referencias Cruzadas  

Morena, Jehova wa makgotla, o le bileditse ho lla le ho hlomoha ka tsatsi leo, ho kuta moriri le ho apara lesela le mahwashe.


Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


Jesu a re ho bona: Balekane ba monyadi na ba ka lla, monyadi ha a sa le ho bona na? Empa nako e a tla eo monyadi a tla tloswa ho bona, ke hona ba tla itima dijo.


Empa nako e tla tla, eo monyadi a tla tloswa ho bona; mohlang oo ba tla itima dijo.


A re ho barutuwa: Ho tla matsatsi ao le tla lakatsa ho bona le leng la matsatsi a Mora motho, mme le ke ke la le bona.


A re ho bona: Na le ka re, balekane ba monyadi ba itime dijo, ha monyadi a sa na le bona na?


Hape, a ba bolella setshwantsho, a re: Ha ho motho ya ka tabolang setsiba seaparong se setjha ho se rokella seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, se setjha se ka hahola se tsofetseng; hape, setsiba se setjha se ke ke sa dumellana le ho tsofetseng.


Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.


Bana ba ka, ke sa dutse le lona ho se hokae; le tla mpatla, mme jwalokaha ke boleletse Bajuda, ka re: Moo ke yang teng, lona le ka sitwa ho tla, jwale ke rialo le ho lona.


Ke tswile ho Ntate, ka tla lefatsheng; jwale, ke boela ke tlohela lefatshe, ke ya ho Ntate.


Yare hobane a bolele taba tseo, a nyoloswa ba ntse ba mo tadimile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.


Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.


eo lehodimo le tshwanetseng ho ba le yena ho be ho fihle mehla ya tokiso ya dintho tsohle, eo Modimo o e boletseng ka melomo ya baporofeta ba halalelang ba wona bohle, haesale le tshimolohong.


Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nako e itseng, le tle le ineele ho itima dijo le ho rapela; hamorao, le ke le boelane hammoho, Satane a tle a se ke a le leka ka takatso ya lona.


Ka ba ditsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyorwa, ka itima dijo hangata, ka hatsela, ka senyehelwa ke dikobo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos