Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba o newa buka ya moporofeta Esaia; mme ha a phutholotse buka, a fihlela sebaka moo ho ngodilweng, ho thwe:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 A neelwa buka ya moporofeta Esaya, mme hoba a e phetle, a fumana moo ho ngotsweng, ho thwe:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Mme a newa buka ya moporofeta Esaia. Eitse hobane a phetle buka, a fumana sebaka seo ho ngodilweng ho sona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Mme a newa buka ya moporofeta Esaia. Eitse hobane a phetle buka, a fumana sebaka seo ho ngodilweng ho sona;

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:17
9 Referencias Cruzadas  

Abrahama a re ho yena: Ba na le Moshe le baporofeta; ba ke ba utlwe bona.


kanthe Davida yena o boletse bukeng ya Dipesaleme, a re: Morena o boleletse Morena wa ka, a re: Dula letsohong la ka le letona,


A fihla Nasaretha, moo a neng a holetse teng. Ka letsatsi la Sabatha, a kena sinagogeng ka mokgwa wa hae; mme a ema hore a bale.


Moya wa Morena o ho nna, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho fodisa ba pelo tse bohloko, ho bolella ba holehilweng hore ba tla lokollwa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hloriswang sebaka sa ho ikela,


Eitse hobane a phuthe buka, a e nea mohlanka, mme a dula; mahlo a bohle ba leng sinagogeng a nna a tadima yena.


Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.


Hobane ba ahileng Jerusalema le baholo ba bona, ereka ha ba sa ka ba tseba Jesu, ditaba tsa baporofeta tse balwang ka Sabatha e nngwe le e nngwe ba di phethile ka ho mo ahlola.


Ebile moo Modimo o ba furallang, wa ba neela ho sebeletsa makgotla a lehodimo, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ntlo ya Iseraele, na le ntlhahiseditse dikgomo le mahlabelo feelleng ka dilemo tse mashome a mane na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos