Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 O ne a ruta masinagogeng a bona, a ntse a roriswa ke bohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 A ruta matlung a bona a thapelo, a tlotliswa ke bohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 A ruta disinagogeng tsa bona, a roriswa ke bohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 A ruta disinagogeng tsa bona, a roriswa ke bohle.

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:15
10 Referencias Cruzadas  

Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


Mme hobane a fihle naheng ya habo, a ruta batho sinagogeng ya bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enwa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae?


Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.


Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.


Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.


Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.


A nna a ruta masinagogeng a bona, naheng yohle ya Galelea, a ntse a leleka le batemona.


Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.


O ne a ruta sinagogeng se seng ka Sabatha.


A fihla Nasaretha, moo a neng a holetse teng. Ka letsatsi la Sabatha, a kena sinagogeng ka mokgwa wa hae; mme a ema hore a bale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos