Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 24:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Mme kahobane ba ne ba sa belaela ka baka la ho thaba le ho makala, a re ho bona: Na mona le na le ntho e jewang na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Yare ha ba ntse ba sa dumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho ka jewang moo?”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 Yare ba sa dumela ka baka la thabo, ba ntse ba makala, a re ho bona: Na le na le ntho e jewang mona?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Yare ba sa dumela ka baka la thabo, ba ntse ba makala, a re ho bona: Na le na le ntho e jewang mona?

Ver Capítulo Copiar




Luka 24:41
14 Referencias Cruzadas  

Le hoja o ka araba mohoo wa ka, nka sitwa ho dumela hore o ka utlwa lentswe la ka;


Bao, ha ba utlwa hore a boetse o a phela, le hore o bonwe ke yena, ha ba ka ba kgolwa.


Le bona ba kgutla, ba phetela ba bang; empa le bona ha ba ka ba ba dumela.


Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


Hape, ba ne ba na le dihlapinyana di se kaenyana; yare hobane a boke, a re, le tsona di abelwe batho.


Empa taba tsa basadi bao tsa eba jwaloka tshomo ho bona, mme ha ba ka ba dumela.


Eitse ha a sa ba bolella hoo, a ba bontsha diatla tsa hae le maoto.


Ba mo nea sesuma sa hlapi e besitsweng le kgekge ya dinotshi;


Le lona le utlwa bohloko jwale; empa ke tla boela ke le bone, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya tla le amoha thabo ya lona.


Yaba Jesu o re ho bona: Bana, na ha le na se ka jewang na? Ba mo araba, ba re: Tjhe.


Yare ha a tsebile lentswe la Petrose, a se ke a bula monyako ka baka la ho thaba, a mpa a matha ho ya bolella ba ka tlung hobane Petrose o eme pela mathule.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos