Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 24:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Ba re ba sa bolela tseo, Jesu a hla a ema hara bona ka sebele sa hae, a re ho bona: Kgotso e be le lona!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

36 Yare ba sa bua jwalo, Jesu a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

36 Ba re ba sa bua jwalo, Jesu ka sebele a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Ba re ba sa bua jwalo, Jesu ka sebele a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!

Ver Capítulo Copiar




Luka 24:36
13 Referencias Cruzadas  

Ke bone mekgwa ya hae; leha ho le jwalo, ke tla mo fodisa; ke tla mo disa, ke busetse matshediso ho yena le ho ba hlomohileng le yena.


Ekare ha ntlo eo e ena le tshwanelo, kgotso ya lona a e tle ho yona; empa ha e se na tshwanelo, kgotso ya lona e kgutlele ho lona.


Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena.


Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna.


Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona!


e leng bao e neng ere hobane a utlwiswe bohloko, a ileng a ipontsha bona, a se a phela, ka dipontsho tse ngata tse kgodisang, ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bolela tsa mmuso wa Modimo.


O kile a bonwa ke Kefase, hamorao ke ba leshome le metso e mmedi.


A ntoo bonwa ke Jakobo; ka mohla o mong a bonwa ke baapostola bohle.


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!


Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos