Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 24:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa taba tsa basadi bao tsa eba jwaloka tshomo ho bona, mme ha ba ka ba dumela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Dipolelo tseo ya ka tshomo ho bona, mme ba se ke ba ba kgolwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Mme dipolelo tsa bona tsa bonahala eka ke ditshomo feela ho bona, mme ba se ke ba ba dumela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Mme dipolelo tsa bona tsa bonahala eka ke ditshomo feela ho bona, mme ba se ke ba ba dumela.

Ver Capítulo Copiar




Luka 24:11
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.


Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Le hoja o ka araba mohoo wa ka, nka sitwa ho dumela hore o ka utlwa lentswe la ka;


Enere Jehova ha a kgutlisa batshwaruwa ba Sione, ho rona ho bile jwaloka toro.


Bao, ha ba utlwa hore a boetse o a phela, le hore o bonwe ke yena, ha ba ka ba kgolwa.


Le bona ba kgutla, ba phetela ba bang; empa le bona ha ba ka ba ba dumela.


Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


Yaba o re ho bona: Jo! batho ba se nang kutlwisiso, ba pelo tse diehang ho dumela tsohle tse boletsweng ke baporofeta!


Mme kahobane ba ne ba sa belaela ka baka la ho thaba le ho makala, a re ho bona: Na mona le na le ntho e jewang na?


Yaba o tswa, a le latela. O ne a sa tsebe hobane se etswang ke lengeloi ke nnete; empa o ne a hloma eka o bona pono ya mohlolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos