Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 22:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 A ntoo ya hojana le bona, sebaka se ka fihlewang ke lejwe ha le betswa; a kgumama ka mangwele a rapela,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 A sutha pela bona, sebaka se ka bang kaa ka sa lejwe ha le betswa, mme a kgumama, a rapela,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 Yaba o tloha ho bona, e ka ba sebaka se ka betswang ke lejwe, a kgumama, a rapela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Yaba o tloha ho bona, e ka ba sebaka se ka betswang ke lejwe, a kgumama, a rapela.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:41
9 Referencias Cruzadas  

A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!


A ya pejana, a wela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etswa, hora eo e mo fete.


Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe.


Eitse hobane a bolele taba tseo, a kgumama ka mangwele, a rapela le bona bohle.


Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,


A ntoo kgumama, a howa ka lentswe le leholo, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena! Yare ha a buile jwalo, a ithoballa.


Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos