Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 21:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Haele ka tseo le di tadimileng, ho ya tla matsatsi ao lejwe le sa tlo ka le leswa hodima lejwe le leng, le sa heletswa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “Ha e le tseo le di bonang, ho tla tla matsatsi ao ka wona ho ke keng ha siuwa lejwe hodima lejwe le leng le sa heletswa.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Haele tseo le di bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona ho ke keng ha leswa lejwe hodima lejwe le leng, le ke keng la heletswa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Haele tseo le di bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona ho ke keng ha leswa lejwe hodima lejwe le leng, le ke keng la heletswa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 21:6
20 Referencias Cruzadas  

Mikea wa Moreshethe o kile o porofeta mehleng ya Esekiase, morena wa Juda, mme a nna a bolella setjhaba kaofela sa Juda, a re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema e be qubu ya majwe, thaba ya ntlo e be thota ya moru.


ke tla etsa ntlo ena jwaloka Silo, le motse wona ke o etse ntho e tla rohakwa ke ditjhaba tsohle tsa lefatshe.


O ntse o porofetelang ka lebitso la Jehova, o re: Ntlo ena e tla ba jwaloka Silo, le motse wona o tla senngwa, o be o hloke moahi? Yaba setjhaba kaofela se bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.


Na kgauta e hlile e a fifala jwang? Kgauta e lekilweng e fetohile mmala jwang! Majwe a sehalalelo a hasane keng dikoung tsa mapatlelo wohle na?


Thaba ya Sione e senyehile, diphokojwe di itsamaela teng.


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Lebanone, bula dikgoro tsa hao, mollo o tle o tjhese dikedare tsa hao.


Hobane ke tla bokella ditjhaba tsohle ho lwantsha Jerusalema; motse o tla hapjwa, matlo a phahlwe, le basadi ba betwe; karolo e nngwe ya batho ba motse e tla iswa kgolehong, empa ba setseng ba setjhaba ba ke ke ba tloswa motseng.


Empa Jesu a re: Le a di bona ntho tseo tsohle? Kannete ke re ho lona: Ha ho ka ke ha leswa teng lejwe hodima lejwe le leng, le sa heletswang.


Jesu a araba, a re ho yena: O a e bona mehaho e meholo eo? Ha ho ka ke ha leswa mona lejwe hodima lejwe le leng, le sa heletswang.


Yaba ba mmotsa, ba re: Moruti, na tseo di tla etsahala neng, mme pontsho e tla ba efe ya hoba tseo di se di tla hlaha?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos