Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 21:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 mme le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Bohle ba tla le hloya ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar




Luka 21:17
18 Referencias Cruzadas  

Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.


Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Le tla ekwa le ke batswadi ba lona, le ke banababo lona, le bahabo lona, le metswalle ya lona; ba tla bolaya ba bang ho lona;


Empa qoba leha e le nngwe ya moriri wa dihlooho tsa lona, e ke ke ya timela.


Le tla ba le lehlohonolo mohla batho ba le hloyang, ba le kgethang, ba le hlapaolang, mme ba lahla lebitso la lona jwaloka eka le lebe, ka baka la Mora motho.


Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile.


Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ya nthomileng.


Ke ba file lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.


mme ke tla mmontsha boholo ba bohloko boo e ka kgonang a bo utlwe ka baka la lebitso la ka.


Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.


Hobane rona ba phelang, re ntse re tellwa lefu kamehla ka baka la Jesu, hore le bona bophelo ba Jesu bo tle bo bonahale nameng ya rona e shwang.


Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.


Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.


Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.


hape, o na le sebete; o mameletse bothata ka baka la lebitso la ka, mme ha o a ka wa kgathala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos