Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 20:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jwale ba eletsana hammoho, ba re: Ha re ka re: E ne e tswa lehodimong, o tla re: Ha le a ka la e dumela keng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ba buisana ba le bang, ba re: “Haeba re ka re: ‘Lehodimong,’ o tla re: ‘Ke ka baka lang le sa kang la mo dumela?’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Ba eletsana, ba re: Ha re ka re: E ne e etswa lehodimong; o tla re: Ha le a ka la dumela keng na?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ba eletsana, ba re: Ha re ka re: E ne e etswa lehodimong; o tla re: Ha le a ka la dumela keng na?

Ver Capítulo Copiar




Luka 20:5
11 Referencias Cruzadas  

Ba hakanya ka ho bona, ba re: Eka ke hobane re sa ka ra nka mahobe.


Ana kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? Na e ne e tswa lehodimong, kapa bathong? Yaba ba eletsana hammoho, ba re: Ha re re: E ne e tswa lehodimong, o tla re: Ha ho le jwalo, ha le a ka la e dumela keng?


Mpolelleng, na kolobetso ya Johanne e ne e tswa lehodimong, kapa e ne e tswa bathong na?


Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, setjhaba kaofela se tla re tlepetsa ka majwe; hobane se kgotswe hoba Johanne e ne e le moporofeta.


Ke enwa eo ke mmoletseng, ka re: Kamorao ho nna ho tla monna ya bileng teng pele ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna.


Le nna ke bone, mme ke pakile hore enwa ke Mora Modimo.


Ba ya ho Johanne, ba re ho yena: Rabbi, ya neng a na le wena mose wane wa Jordane, eo o neng o mo pake, bona, ke enwa o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.


Ya dumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; mme ya sa dumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Modimo bo sala hodima hae.


Johanne ha a se a ya qeta leeto la hae, a re: Le hloma ke le mang? Ha ke yena. Empa bonang, e mong o ya tla kamorao ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla dieta maotong a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos