Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Hape, ho ne ho le Anna, moporofeta wa mosadi, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere; o ne a se a hodile haholo, a kile a ba le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

36 Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

36 Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere;

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:36
18 Referencias Cruzadas  

Lea a re: Ke lehlohonolo, hobane baradi ba batho ba tla mpitsa ya lehlohonolo; mme a mo rea lebitso la Asere (ya lehlohonolo).


Ebile moprista Hilkia, le Akikame, le Akbore, le Shafane, le Asaia ba ya ho moporofeta Hulda, mosadi wa Shallume, mora Thikva, mora Harhase, mmoloki wa diaparo. O ne a ahile Jerusalema, karolong e nngwe ya motse. Ha ba mmoleletse,


O tla orohela lebitleng la hao ka botsofadi bo botala, jwaloka ngata ya koro, ha e thothwa nakong ya teng.


ba sa le moko le botala;


Yaba Miriame moporofeta, kgaitsedi ya Aarone, le yena o nka moropa letsohong la hae; basadi kaofela ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, ba tlaka.


Haele wena, mora motho, lebisa sefahleho sa hao nqa ho baradi ba tjhaba sa heno ba porofetang ka ho rata ha dipelo tsa bona, o ba porofetele,


le hona, lerumo le tla hlaba pelo ya hao, hore mehopolo ya dipelo tse ngata e tle e senolwe.


Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.


Mehleng eo, ke fela ke tla tshela bahlanka ba ka ba batona le ba batshehadi ka Moya wa ka, mme ba tla porofeta.


O ne a ena le baradi ba bane, barwetsana ba porofetang.


Mme mosadi e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a sa rwale hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae, hobane ke ntho e le nngwe le ha a beotswe.


Haele ka dineo tsa Moya, banabeso, ha ke rate hoba le ka hloka hlalohanyo ya tsona.


Empa e ka kgona molebedi a hloke sekodi, e be monna wa mosadi a le mong, a be le phadimeho, le masene, le hlompheho, a rate ho amohela baeti, a lokele ho ruta.


Ho ngolwe mohlolohadi eo dilemo tsa hae di sa haelleng ho phetha mashome a tsheletseng, eo e kileng ya eba mosadi wa monna a le mong feela;


Karolo ya bohlano ya laolelwa leloko la bana ba Asere ka matlo a bona.


ba leloko la Asere ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Nefthali ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Manase ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;


Mohlang oo, Debora, moporofeta wa mosadi, mohatsa Lappidothe, o ne a ahlola Iseraele.


O ne a ena le basadi ba le babedi, lebitso la e mong e le Anna, lebitso la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a na le bana, Anna yena e ne e le nyopa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos