Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ba ya le hore ba hlahise sehlabelo se laetsweng molaong wa Morena, sa maebanakgorwana a mabedi, leha e le sa madinyane a mabedi a maeba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 le ho tlisa sehlabelo, ho ya ka se boletsweng Molaong wa Morena, e leng maebana-kgorwana a mabedi kapa madinyane a mabedi a maeba.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 le ho hlahisa sehlabelo ka ho ya ka se boletsweng molaong wa Jehova, maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maebana.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 le ho hlahisa sehlabelo ka ho ya ka se boletsweng molaong wa Jehova, maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maebana.

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:24
5 Referencias Cruzadas  

Ha sehlabelo sa hae seo a etsetsang Jehova setjheso ka sona, e le sa dinonyana, o tla hlahisa sehlabelo sa maebakgorwana, leha e le sa madinyane a maeba.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ekare ha mosadi a emola, a ba a tswala ngwana e motona, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng; o tla ba sesila jwaloka mohla a ileng kgweding.


Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos