Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Seo e tla ba pontsho ho lona, le tla fihlela lesea le phuthetsweng, le robaditsweng sejelong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Hoo e tla ba pontsho ho lona, ke hore le tla fumana lesea le phuthilweng ka masela, le robetse ka sejelong.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Sena e tla ba pontsho ho lona; Le tla fumana lesea le phuthetsweng ka masela, le letse sejelong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Sena e tla ba pontsho ho lona; Le tla fumana lesea le phuthetsweng ka masela, le letse sejelong.

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:12
11 Referencias Cruzadas  

Haele wena, Esekiase, seo e tla ba pontsho ho wena ke sena: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome masimo a merara, le je tholwana tsa wona.


Esekiase o ne a itse ho Esaia: Pontsho e tla ba efe ya hore Jehova o tla mphodisa le hore ke tla nyolohela tlung ya Jehova ka la boraro na?


Empa nna, ke seboko, ha ke motho; ke mojaradihlong ho batho, le molahluwa wa setjhaba.


Wa re: Ke tla ba le wena, mme pontsho ya hobane ke nna ke o romang, e tla ba ena: Mohla o ntshang setjhaba Egepeta, le tla tla sebeletsa Modimo hodima thaba ena.


Ikopele pontsho ho Jehova, Modimo wa hao, o kope hore e hlahe tlase lebitleng, leha e le hodimo lehodimong.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Yaba bongata ba makgotla a lehodimo bo phakisa bo eba le lengeloi leo, ba boka Modimo, ba re:


a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti.


Seo e tla ba pontsho ho wena, ke se tla hlahela bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease: ba tla shwa ba babedi ka tsatsi le le leng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos