Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 19:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 hobane ke o tshabile, kahobane o le motho ya thata: o nka seo o sa kang wa se bea, mme o kotula seo o sa kang wa se jala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ke o tshabile, hobane o motho ya thata: o nka seo o sa kang wa se bea, mme o kotula seo o sa kang wa se jala.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Hobane ke ne ke o tshaba, kahobane o le motho ya thata; o nka seo o sa kang wa se bea, mme o kotula seo o sa kang wa se jala.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Hobane ke ne ke o tshaba, kahobane o le motho ya thata; o nka seo o sa kang wa se bea, mme o kotula seo o sa kang wa se jala.

Ver Capítulo Copiar




Luka 19:21
16 Referencias Cruzadas  

Mme e mong a tla, a re: Morena, ponto ya hao e sa le yona ena eo ke neng ke e phuthetse leseleng;


A re ho yena: Mohlanka e mobe, ke tla o ahlola ka polelo ya hao. O ne o tseba hobane ke motho ya thata, ke nkang seo ke sa kang ka se bea, ke kotulang seo ke sa kang ka se jala!


Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.


Kahobane thato ya nama ke bora ho Modimo; hobane ha e ipee tlasa molao wa Modimo, le ho sitwa e a sitwa.


Hobane Modimo ha o a ka wa re nea moya o boi, empa e le wa matla, le wa lerato, le wa kelello.


Hobane leha e mong a ka boloka melao yohle, a mpa a tlola o le mong feela, eba o se a ikentse ya molato ho yona yohle.


Ha ho tshabo leratong, empa lerato le phethehileng le leleka tshabo; hobane tshabo e tsamaya le kotlo, mme ya tshabang ha a phetheha leratong.


Bonang, Morena o tlile le bahalaledi ba hae ba diketekete ho etsa kahlolo hodima bohle, le ho kgalemela banyefodi bohle ka baka la diketso tsohle tsa bonyefodi, tseo ba sitilweng ka tsona, le la dipolelo tsohle tse thata, tseo baetsadibe bao ba banyefodi ba di buileng hodima hae.


Samuele a re ho setjhaba: Se tshabeng; leha le entse bobe bo bokalo, feela le se ke la furalla Jehova, le sebeletse Jehova ka pelo tsohle tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos