Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 18:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 a sa tlo ka a bona, mehleng ena, haholoholo ho tseo, le mehleng e tlang a bone bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 eo nakong ena a ke keng a buseletswa haholo, mme mehleng e tlang a amohela bophelo bo sa feleng.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 ya ke keng a amohela tse ngatafatswang mehleng ena, mme mehleng e tlang a fuwa bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ya ke keng a amohela tse ngatafatswang mehleng ena, mme mehleng e tlang a fuwa bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 18:30
19 Referencias Cruzadas  

Mme Jehova a ntsha Jobo ditlamong tsa hae, ha a se a rapeletse metswalle ya hae; mme Jehova a mo atisetsa habedi tseo a neng a ena le tsona pele.


Lentswe la hao le monate hakakang mahalapeng a ka, le fetisa dinotshi molomong wa ka.


Ke inketse dikeletso tsa hao, e be lefa la ka ka ho sa yeng kae, hobane di thabisa pelo ya ka.


Ka baka leo, ke rata ditaelo tsa hao ho fetisa kgauta, le kgauta e tshekehileng.


Ke ithabisa ka lentswe la hao, jwaloka motho ya ithabisang ka kgapo e kgolo.


Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.


Se senyenyane se ruilweng ke ya lokileng se fetisa nala ya ba babe ba bangata;


Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.


Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla.


Efela borapedi, ha bo ena le ho kgolwa ha pelo, ke leruo le leholo.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.


Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos