Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 18:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Mofarisi a ema, a ithapella, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Mofarisi a ema, a ithapella, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 18:11
26 Referencias Cruzadas  

Bonang, le boke Jehova, lona bahlanka ba Jehova kaofela, ba emang le bosiu ka tlung ya Jehova!


ba emang ka tlung ya Jehova, mabaleng a ntlo ya Modimo wa rona!


Ba ipolelang molemo ba bangata, empa motho ya tshepehang a ka fumanwa ke mang?


Moloko oo o hlwekile mahlong a wona, athe ha o eso ho itlhatswe ditshila tsa wona.


Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.


Ba mpatla ka matsatsi wohle, ba lakatsa ho tseba ditsela tsa ka, jwaloka hoja e le setjhaba se yang ka ho loka, se sa kang sa tlohela molao wa Modimo wa sona; ba kopa ho nna dikahlolo tsa ho loka; ba lakatsa ho hlaha ha Modimo.


ba reng: Ema hojana, se atamele ho nna, hobane ho wena ke ya kgethehileng. Batho bao ke mosi dinkong tsa ka, mollo o tukang kamehla.


E kae medimo ya hao eo o iketseditseng yona? E ke e eme, ha e ka o pholosa letsatsing la tsietsi ya hao: hobane wena, Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao!


Leha ho le jwalo, o re: Tjhe, ha ke na molato; efela kgalefo ya hae e nkgelohile! Bona, ke o tsekisa kahobane o bile o re: Ha ke a ka ka etsa sebe.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!


Filipi le Bartholome; Thomase le Mattheu, molekgetho; Jakobo, mora Alfea, le Thaddea;


Hobane ke a le bolella, ke re: Ho loka ha lona ha ho sa fetise ha bangodi le ha bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.


Leha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa diterata, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.


Ba metsa matlo a basadi ba bahlolohadi ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melelele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


A ntoo ya hojana le bona, sebaka se ka fihlewang ke lejwe ha le betswa; a kgumama ka mangwele a rapela,


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Haele ka tjheseho ke nna ya hlorisitseng kereke; haele ka ho loka ha molao, ke ne ke se na ho nyatsuwa.


Erekaha o re: Ke morui, ke mononi, mme ha ke hloke letho; athe ha o tsebe hobane o soto, o madimabe, o mofutsana, o sefofu, o feela;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos