Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 17:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jesu a bolella barutuwa, a re: Haele hore dikgopiso di se hlahe, ho ke ke ha etswa; empa ho madimabe eo di hlahang ka yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Hase ho ka etsahalang hore meleko e se ke ya eba teng, empa ho madimabe eo e tlang ka yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Yaba o re ho barutuwa: Ho ke ke ha etsahala hore dikgopiso di tle; empa ho madimabe eo di tlang ka yena!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Yaba o re ho barutuwa: Ho ke ke ha etsahala hore dikgopiso di tle; empa ho madimabe eo di tlang ka yena!

Ver Capítulo Copiar




Luka 17:1
14 Referencias Cruzadas  

Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.


Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso; hobane dikgopiso di tshwanetse ho ba teng; ho mpa ho madimabe motho eo kgopiso e hlahang ka yena.


Abrahama a re ho yena: Ekare ha ba sa utlwe Moshe le baporofeta, ba ke ke ba kgolwa, leha e mong wa bafu a ka tsoha.


A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona.


Jwale, banabeso, ke a le kgothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang dikgaohano le dikgopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng yona, mme le ba sesefe.


Le se ke la dihela Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le kereke ya Modimo,


hobane dikgaohano le tsona e ka kgona di be teng hara lona, hore ho tle ho bonahale bao e leng ba sebele hara lona.


Ha ho le jwalo, ekare ha sejo seo se ka kgopisa ngwaneso, nke ke ka hlola ke eja nama le ka mohla o le mong, ke tle ke se ke ka kgopisa ngwaneso.


Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona;


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena; ke hobane o dumella Jesebele, mosadi eo ya ipitsang moporofeta, ho ruta, le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, mme ba je dinama tse hlabetsweng medimo ya bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos