Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 16:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme qhoku ya re ka pelong ya yona: Ke tla etsa eng, haele mona monga ka a nkamoha bolebedi ba ka? Ke hloka matla a ho lema; haele ho kopa, nka hlajwa ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “Jwale mookamedi a re ka ho yena: ‘Ke tla etsang, ha e le moo monga ka a nkamoha bookamedi? Ha ke na matla a ho sebetsa ka thata, le teng ke dihlong ho kopa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Yaba molebedi o re ka ho yena: Ke tla etsa jwang? hobane monga ka o nkamoha botsamaisi; ho kopa ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Yaba molebedi o re ka ho yena: Ke tla etsa jwang? hobane monga ka o nkamoha botsamaisi; ho kopa ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar




Luka 16:3
26 Referencias Cruzadas  

Yaba Hamane o a kena, mme morena a re ho yena: E ka kgona monna eo morena a ratang ho mo hlonepha a etsetsweng? Pelong ya hae Hamane a re: Morena a ka rata ho hlonepha mang, haese nna?


Pelo ya sekgoba e lakatsa kamehla, leha ho le jwalo, ha se rue letho; empa moya wa sekgothadi o a nona.


Tsela ya sekgoba ke lekgwakgwa la meutlwa; empa tsela ya ba lokileng ke mmila o latsehileng.


Ya tshwarang mosebetsi wa hae ka monyebe, ke ngwanabo lehlaswa.


Botswa bo dihela motho bodibeng ba boroko, mme moya wa mokokorohi o tla lapa.


Sekgoba ha se leme, hoba se hatsetse; mohla ho kotulwang, se a kopa, empa ha ho letho.


Mofo wa hao ha o mo etsa wa mpoane botjheng ba hae, hamorao o tla iketsa e mong wa bara ba hao.


Na le tla etsa jwang mohla letsatsi la tekolo, le mohla sefefo se tlang se etswa hole? Le tla balehela ho mang ho batla thuso, le bee letlotlo la lona kae?


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Le tla etsa jwang ka letsatsi le kgethehileng, ka letsatsi la mokete wa Jehova?


Hoba e be mantisboya, monga tshimo ya merara a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Bitsa balemi, o ba nee moputso wa bona; o qale ka ba morao, o qetelle ka ba pele.


Ba fihla Jeriko. Jesu ha a etswa Jeriko le barutuwa ba hae, a ena le bongata bo boholo, Bartimea, mora Timea, wa sefofu, o ne a dutse pela tsela, a kopa.


Yaba o nahana ka ho yena, a re: Ke tla etsa jwang; hobane ha ke na moo nka bokellang dijo tsa ka teng?


Yaba o e bitsa, a re ho yona: Taba tseo tsa hao tseo ke di utlwang ke dife. Hlahisa tsa bolebedi ba hao; hobane o ke ke wa hlola o eba molebedi wa ntho tsa ka.


Mofutsana e mong le yena o ne a le teng, ya bitswang Lasaro, ya neng a bewa pela monyako wa eo, a tletse dibebe;


Ha isaisa, mofutsana a shwa, mme mangeloi a mo nkela sefubeng sa Abrahama.


Ke tseba seo ke tla se etsa, hore, etlere ha ke amohilwe bolebedi ba ka, batho ba nkamohele matlung a bona.


A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho,


Ba ahisaneng le yena, le ba neng ba mmone pele hore ke mokopi, ba re: Na enwa hase ya neng a dula a kopa na?


Monna e mong, eo e neng e bile seritsa haesale a etswa popelong ya mmae, o ne a nne a jarwe, a bewe ka matsatsi wohle monyako wa tempele, o reilweng o Motle, a tle a kope thuso ho ba kenang tempeleng.


A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.


Athe re utlwa hobane ba bang ba heno ba tsamaya ka mokgwa o hanwang ke molao; ha ba sebetse, mme ba kena ditabeng tseo e seng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos