Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 16:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Morui le yena a shwa, a epelwa lebitleng. Jwale, ha a le nqalong ya bafu, a lelala hodimo, a dutse bohlokong, mme a bonela Abrahama hole, le Lasaro a le sefubeng sa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Ya re a le kwa bobipong, a tsholetsa matlho a gagwe, a le mo botlhokong, a bona Aborahame a le kgakala, le Lasaro a le mo sehubeng sa gagwe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Ya re a le kwa bobipong, a tsholetsa matlho a gagwe, a le mo botlhokong, a bona Aborahame a le kgakala, le Lasaro a le mo sehubeng sa gagwe.

Ver Capítulo Copiar




Luka 16:23
26 Referencias Cruzadas  

hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu, o ke ke wa dumela hoba mokgethwa wa hao a bone ho bola.


Empa Modimo o tla hlwibila moya wa ka matleng a nqalo ya bafu, hobane o tla nkamohela. (Sela.)


Hobane mohau wa hao o moholo ka nqa ho nna, mme o nyolotse moya wa ka tlasetlase nqalong ya bafu.


Bakgopo ba leba nqalong ya bafu, ho jwalo le ditjhaba kaofela tse lebetseng Modimo.


Ho ya masene tsela ya bophelo e nyolosetsa hodimo, e mo phemisa nqalo ya bafu e katlase.


Maoto a hae a theohela lefung, mehato ya hae e fella nqalong ya bafu.


Ntlo ya hae ke tsela ya nqalo ya bafu, e theohela madibeng a lefu.


Athe eo ha a tsebe hobane ke moo bafu ba leng teng, le hoba ba lallang le bona ba mohohlong wa nqalo ya bafu.


Athe o dihetswe nqalong ya bafu, sekoting se tebileng.


Le katlase, nqalo ya bafu e fudueha bakeng sa hao, ho o kgahlanyetsa ha o fihla; e tsositswe diriti ka baka la hao, e leng tsa bohle ba matla ba lefatshe, le marena kaofela a ditjhaba e a raositse teroneng tsa wona.


Le wena Kapernauma, ya phahamiseditsweng lehodimong, o tla kokobeletswa nqalong ya bafu; hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno.


Ha leihlo la hao le o dihela, o le honye, o le lahlele hole le wena. Ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele, o ena le mahlo a mabedi.


Dinoha, madinyane a marabe! Le ka phema kahlolo ya dihele jwang?


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.


Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela, o le honye, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng.


Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?


A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele; o rome Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a tle a mphodise leleme; hobane ke utlwa bohloko bo boholo kgabong ena.


hobane ke na le banabeso ba bahlano; a ke a ba kgodise, hore ba tle ba se ke ba tla le bona nqalong ena e bohloko.


Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le leholo: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa.


Na lefu, tsenene ya hao e kae na? Wena lebitla, ho hlola ha hao ho kae na?


Hobane Modimo, ha o sa ka wa hauhela mangeloi a sitilweng, wa mpa wa a dihela diheleng, a tlamilwe ka mahlaahlela a lefifi, mme o a neetse ho bolokelwa kahlolo;


Mme Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moporofeta wa bohata, mme ba tla hlokofatswa motshehare le bosiu, ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos