Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 15:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Empa mora a re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena, mme ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “Mora a re ho yena: ‘Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Mora a re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena, mme ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Mora a re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena, mme ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao.

Ver Capítulo Copiar




Luka 15:21
10 Referencias Cruzadas  

O bina pela batho, o re: Ke na be ke sitilwe, ka kgopamisa ho loka; empa ha ke a ka ka otlelwa ho tlola ha ka;


o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.


Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.


Feela o ipolele bokgopo ba hao, hobane o kwenehetse Jehova, Modimo wa hao, o nnile wa mathela ka nqa tsohle ho medimo ya ditjhaba, katlasa difate tsohle tse mahlaku; le mpa le sa ka la mamela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Yaba o tloha, a ya ho ntatae. Yare ha a sa le hole, ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a itihela molaleng wa hae, a mo aka.


Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokwa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monwaneng, le be le mo rwese dieta maotong;


Kapa, o nyedisa monono wa mosa wa wona, le wa sebete sa wona, le wa pelo ya wona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo wa Modimo o o kgannela pakong na?


Mme ha le sitelwa bana babo lona jwalo, mme le hlaba matswalo a bona a fokolang, le sitelwa le Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos