Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 15:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba moo a ikgopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlolwang ke bohobe; mme nna mona ke bolawa ke tlala!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 “Eitse hoba a ikelellwe, a re: ‘Bahiruwa ba bangata hakaakang ba ntate ba jang ba be ba di shebe feela, empa nna mona ke bolawa ke tlala.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Eitse hobane a elellwa, a re: Ke ba bakae ba bahiruwa ba ntate ba nang le bohobe bo lekaneng, mme nna ke bolawa ke tlala!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Eitse hobane a elellwa, a re: Ke ba bakae ba bahiruwa ba ntate ba nang le bohobe bo lekaneng, mme nna ke bolawa ke tlala!

Ver Capítulo Copiar




Luka 15:17
19 Referencias Cruzadas  

Ke nahana metsamao ya ka, ke lebisetsa maoto a ka dikeletsong tsa hao.


Ha eba jwaloka toro phaphamong, wa ba tsosa jwalo, Morena; o entse seriti sa bona ntho feela e nyedisehang.


Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.


Hobane ha ke se ke sokolohile, ka ikwahlaya; ha ke se ke lailwe, ka ikotla noka; ka ba le dihlong, ka swaba, hobane ke jere nyatso ya botjha ba ka.


Matsatsing a hae a mahlomola le a tshenyeho, Jerusalema o hopola ntho tsohle tse ratehang tsa hae, tseo a neng a ena le tsona mehleng ya pele. O di hopola jwale, ha setjhaba sa hae se wetse matsohong a dira, ho se ya mo thusang; dira di a bona, di soma ka bomadimabe ba hae.


Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.


O tla phallela dinyatsi tsa hae, empa a ke ke a di fihlela; o tla di batlisisa, empa a ke ke a di fumana. Ke moo a tla re: Ke tla ya, ke kgutlele ho monna wa ka wa pele, hobane ke ne ke iketla mohlang oo ho fetisa jwale.


O ne a lakatsa ho kgorisa mpa ya hae ka makgapetla a jewang ke dikolobe; empa o ne a sa fuwe ke motho.


Morui le yena a shwa, a epelwa lebitleng. Jwale, ha a le nqalong ya bafu, a lelala hodimo, a dutse bohlokong, mme a bonela Abrahama hole, le Lasaro a le sefubeng sa hae.


Yaba batho ba tswela ho ya bona ho entsweng; ba fihla ho Jesu, ba fumana motho eo batemona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, a ena le ditaba: mme ba tshaba.


Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.


Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?


Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos