Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Molemi a araba, a re ho yena: Morena, ako se lese ka sona selemo sena hape, nke ke se leme, ke se tshele ka moitedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “A mo araba, a re: ‘Monghadi, ako se lese le ka selemo sena, seo ka sona ke tla se lemela, ke se tshelle moitedi;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Yena a araba, a re ho yena: Morena, se tlohele le ka selemo sena, ke tle ke se tjheke, ke se tshele moitedi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Yena a araba, a re ho yena: Morena, se tlohele le ka selemo sena, ke tle ke se tjheke, ke se tshele moitedi.

Ver Capítulo Copiar




Luka 13:8
17 Referencias Cruzadas  

Wa re, o a ba fedisa; empa Moshe, mokgethwa wa wona, a kena dipakeng tsa wona le bona ho faposa bohale ba wona, hore ba se ke ba fediswa.


a re: Morena, ha ke fela ke bone mohau ho wena, Morena a ke a tsamaye hle le rona. Ho jwalo ruri, ke setjhaba se melala e sataletseng; o mpe o re tshwarele makgopo a rona le dibe tsa rona, mme o re nke, re be lefa la hao.


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Na ho ka buswa bobe bakeng sa botle, haele mona ba tjheketse bophelo ba ka lemena na? Hopola hobane ke ne ke ntse ke eme pela hao ho ba buella, hore ke kgelose kgalefo ya hao ho bona.


Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?


Yaba o re ho molemi wa merara: Bona; e se e le dilemo tse tharo ke ntse ke tla ho batla ditholwana sefateng sena sa feiye, mme ha ke di fumane; se reme, se thibile keng mobu feela?


Ekaba se tla beha ditholwana; ha ho se jwalo, o tla se rema.


Ha le na mosebetsi bakeng sa mobu, kapa bakeng sa moitedi; ba le lahlela ntle. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.


Banabeso, takatso ya pelo ya ka, le thapello eo ke e etsetsang Baiseraele ho Modimo, ke hore ba bolokehe.


mohlomong ke tle ke tsose ba nama ya ka ka mona, mme ke pholose ba bang ho bona.


Morena ha a diehise dipallo tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos